Kaha libōpuoa tsohle tse phelang li bōpiloe ke Molimo ea Matla ’Ohle, libōpuoa tsohle tse phelang ke bara ba motho ba nang le sebōpeho se tšoanang, ’nete e tšoanang le tokelo e tšoanang. Ka hona, ha bothata leha e le bofe kapa kotsi e hlahela baena ba bang, ho ba le qenehelo ho moena e mong.
Ha sebōpuoa se phelang se bona ’me se tseba hore sebōpuoa se seng se phelang se kotsing kapa se utloa bohloko, ho ba le kutloelo-bohloko ho moena e mong ka lebaka la boena.
Boena ke sesosa sa mohau.